Author: Lehakoe La Litaba
09/05/2025 at 01:05 am
Latest
LEUTLOELA LA NAHA ENA LE QOSA MUSO LIMILIONE TSE HLANO TSA MALOTI TSA TS’ENYO EA LEBITSO LE TELEKO E SENG MOLAONG
Ithabeleng Pitso, leutloela le behelletsoeng ka thoko ke monghali Pheello Ralenkoane a tletleba ka hore le ntse le foqa bapolotiki makunutu a boutloela ba naha ena, o hulanyelitse ’muso le mookameli oa mautloela a naha ena Lekhotleng la Molao oa Motheo, o ba hloka limillione tse hlano tsa maloti ele mats’eliso a ho lelekoa mosebetsing ka thoko ho molao, ho amohuoa tokelo ea ho sebelisa mehala ea hae, le ho kena-kenana le eona thoko ho tumello ea hae.
Har’a lithapeli tsa molli, ke hore Ralenkoane le komiti ea khalemo ea NSS, ba fane ka metsotso ea phutheho e mo lelekileng lekhotleng leo, ba its’oele mokhubu ka ho mo kopa ts’oarelo ka ts’enyo ea lebitso, ka bopaki ba leshano bo hlahisitsoeng ke NSS nyeoeng ea benghali Moeketsi Shale le Machesetsa Mofomobe, ka hore ke mocheliete oa bao.
Likhang tsa Pitso tsa lekhotla, o hlalosa ha sebelitse le monghali Mofomobe e le mohloli oa boutloela ba hae ka nako e telele, ho kenyelletsa bao a sa ba hlalosang ka mabitso, ’me o belaela monghali Ralenkoane a sebelisa matla a hae hampe, a loana lintoa tsa lipolotiki lipakeng tsa tonakholo Ntsokoane Matekane, le Mofomobe ka eena. Kopo ena, e tla feta kapele ho lekhotla letsatsing la boraro la Phato ea monongoaha.